Elia a re ho yena: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jordane. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba tsamaya ba babedi.
Joshua 3:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba jereng areka ha ba fihla Jordane, mme maoto a baprista ba jereng areka ha a qala ho kena metsing, (Jordane e ne e tlale, e tlole le mabopo wohle a yona ka nako yohle eo ho kotulwang ka yona) BIBELE Yare feela ha ba jereng areka ba fihla Jorodane, mme maoto a baprista ba jereng areka a thetsa mola wa metsi — Jorodane e ja meduwane ka nako yohle ya ha ho kotulwa — |
Elia a re ho yena: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jordane. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba tsamaya ba babedi.
Ba ne ba tshele Jordane kgweding ya ho qala, mohla e kwahetseng mabopo a yona kaofela, mme ba leleka batho bohle ba dikgohlong ka nqa botjhabela le ka nqa bophirimela.
Ha esitile o beisa le ba maoto, mme ba o kgathaditse, na o ka beisa jwang le dipere? Mme ha o sa tshohe letho fatsheng la kgotso, na mahlakeng a Jordane o ka etsa jwang?
Bonang, jwaloka tau ha e nyoloha mahlakeng a Jordane, o ya nyolohela leahong le thata; mme hang ke tla balehisa Edomo ho lona; eo ke mo kgethang ke tla mo laeletsa yena. Hobane ke mang ya jwaloka nna? Ke mang ya ka mpiletsang kgotla? Ke mang modisa ya ka emang pela ka?
O kgalemela lewatle, le be le monyele; o pshesa dinoka kaofela. Ho ponne Bashane le Karmele, le palesa ya Lebanone e ponne.
Etlare ha bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ya Jehova, Morena wa lefatshe lohle, bo hata metsi a Jordane, metsi a Jordane a tla aroha; metsi a theohang a etswa hodimo a etse qubu.
Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ha ba etswa hara Jordane, mme bohato ba maoto a baprista ha bo hata mobu o omileng, metsi a Jordane a boela tulong tsa wona, mme a nna a matha a tlotse mabopo wohle a wona, jwaloka maoba le maobane.