Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.
Joshua 24:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, a tsoha, a lwantsha Iseraele, a romela le ho lata Balaame, mora Beore, hore a tle a le rohake. BIBELE Jwale ha hlaha Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, le yena a lwantsha Baiseraele. A romela maqosa ho Bileame, mora wa Beore, hore a le rohake. |
Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.
Ha ba le teng, Baiseraele ba romela morena wa Edomo manqosa, ba re: Ako re fe sebaka sa ho feta ka naha ya hao. Morena wa Edomo a mpa a hana. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba romela morena wa Moabe manqosa, mme le yena a hana. Yaba Baiseraele ba ema Kadeshe.
Ana jwale o fetisa Balake mora Tsippore, morena wa Moabe na? Hleka o tsebile ho tsekisa Baiseraele, kapa na o bile le matla a ho ba lwantsha na?