Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka ba ka le tlisa lefatsheng la Baamore, ba neng ba ahile mose wane wa Jordane, mme ba le lwantsha; empa ka ba neela matsohong a lona, mme la rua lefatshe la bona; mme ka ba timetsa pela lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “ ‘Yaba ke le tlisa naheng ya Baamore ba neng ba phela mose wane ho Jorodane. Ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona. Naha ya bona ya eba ya lona, mme ka ba timetsa kapele ho lona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:8
10 Referencias Cruzadas  

Wa ba fa le mebuso le ditjhaba, mme wa ba arolela tsona ka dikoto; ba rua lefatshe la Sihone morena wa Heshbone, le lefatshe la Oge, morena wa Bashane.


Etlare ha lengeloi la ka le o eteletseng pele, le o fihlisitse ho Baamore, le ho Bahethe, le ho Baferese, le ho Bakanana, le ho Baheve, le ho Bajebuse, ha ke se ke ba fedisitse,


Hape, ke nna ke neng ke le ntshe lefatsheng la Egepeta, ka le tsamaisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, le tle le rue naha ya Baamore;


Athe ke nna ke neng ke timetse Baamore pela lona, bao bolelele ba bona bo neng bo le ka ka bolelele ba dikedare, ba le matla jwaloka dieike, ka timetsa tholwana tsa bona hodimo le metso ya bona tlase.


Yaba Sihone o tswa le setjhaba sa hae, a re kgahlanyetsa Jahatse ka ntwa.


le metse yohle ya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a busa Heshbone, ho isa moeding wa bana ba Ammone,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos