Joshua 24:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a re ho setjhaba: Ho ipaketse lona hore le ikgethetse Jehova ho mo sebeletsa. Ba re: Ho ipaketse rona. BIBELE Joshua a boela a re ho setjhaba: “Lona, ka bolona, le a ipakela hore le ikgethetse ho sebeletsa Morena!” Sa re: “E, re dipaki!” |
kanthe ntho e hlokwang e nngwe feela; mme Maria o ikgethetse kabelo e ntle, eo a ke keng a e amohuwa.
A re ho yena: Mohlanka e mobe, ke tla o ahlola ka polelo ya hao. O ne o tseba hobane ke motho ya thata, ke nkang seo ke sa kang ka se bea, ke kotulang seo ke sa kang ka se jala!
O tiisitse kajeno hoba Jehova ke Modimo wa hao, le hoba o tla tsamaya ditseleng tsa hae, o boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, mme o utlwe lentswe la hae.