La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 22:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Haele bana ba Rubene, le bana ba Gade, ba rea aletare eo lebitso la Ede, ba re: Ke paki ho rona ya hore Jehova ke Modimo.

Ver Capítulo

BIBELE

Bana ba Rubene le bana ba Gade ba rea aletare eo lebitso la “Paki”, hobane ba ne ba re: “Ena ke paki ho rona bohle hore Morena ke Modimo.”

Ver Capítulo



Joshua 22:34
8 Referencias Cruzadas  

Labane a o rea Jegare-Sahadutha (mokolokotwane wa bopaki), Jakobo a o rea Galede (mokolokotwane wa bopaki).


Yaba Labane o re: Mokolokotwane ona e be paki mahareng a ka le wena kajeno. Ke ka baka leo lebitso la wona ho thweng ke Galede,


Setjhaba sohle, ha se bona hoo, sa inama ka difahleho, sa re: Jehova ke Modimo! Jehova ke Modimo!


Mehleng eo, Jehova o tla kgethelwa aletare bohareng ba lefatshe la Egepeta, mme sefika se kgethetsweng Jehova se tla ema pela meedi ya naha.


Ke lona dipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le yena mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, hore le tle le tsebisise, mme le ntumele, mme le ikutlwele hobane ke nna. Ha ho Modimo o bileng teng pele ho nna, mme o mong o ke ke wa eba teng kamorao ho nna.


Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.


e mpe e be bopaki mahareng a rona le lona le ditloholo tsa rona tse re hlahlamang, ba hore re na le tokelo ya ho etsa tshebeletso ya Jehova pela hae ka ditjheso tsa rona, le ka mahlabelo a rona a dipheko, le ka mahlabelo a rona a teboho; mehleng e tlang, bana ba lona ba tle ba se ke ba re ho bana ba rona: Ha le na kabelo ho Jehova.


Joshua a ntoo re ho setjhaba kaofela: Bonang, lejwe lena e tla ba paki ho rona, etswe lejwe lena le utlwile ditaba tsohle tseo Jehova a re boleletseng tsona; e tla ba paki ho lona ke hona, esere mohlomong la latola Jehova, Modimo wa lona.