Haele metse ya Balevi, le matlo ao ba tlang ho ba le wona teng, Balevi ba tla ba le tokelo ya ho a rekolla kamehla.
Joshua 21:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba bua le bona Silo, lefatsheng la Kanana, ba re: Jehova o laetse ka Moshe hore re newe metse ya ho aha teng, meraka ya yona e be ya dikgomo tsa rona. BIBELE Tsa bua le bona ba le Shilo, naheng ya Kanana, tsa re: “Morena o ile a laela ka molomo wa Moshe, hore re newe metse eo re tla phela ho yona, le makgulo a yona, moo dikgomo tsa rona di tla fula teng.” |
Haele metse ya Balevi, le matlo ao ba tlang ho ba le wona teng, Balevi ba tla ba le tokelo ya ho a rekolla kamehla.
leha e le mokotla wa tsela, le dikobo tse pedi, le dieta, le lere; hobane ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.
Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.
Ebile Baiseraele ba nea Balevi metse e itseng le meraka ya yona lefeng la bona, ka taelo ya Jehova.