Ho rohakwe bohale ba bona, hobane e bile bo tukang, le kgalefo ya bona, hobane e ne e sa qenehele! Ke tla ba qadikanya hara Jakobo, ke ba hasanye hara Iseraele.
Joshua 19:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lefa la bana ba Simeone la arolwa karolong ya bana ba Juda; hobane karolo ya bana ba Juda e ne e ba sita; ebile ke moo bana ba Simeone ba abetsweng lefa la bona lefeng la bao. BIBELE Kaha karolo ya bana ba Juda e ne e le kgolo ho feta palo ya bona, karolo e nngwe ya naha eo ya bana ba Juda e ile ya abelwa bana ba Simeone. Ka baka leo, naha ya bana ba Simeone e ne e le kahara naha ya bana ba Juda. |
Ho rohakwe bohale ba bona, hobane e bile bo tukang, le kgalefo ya bona, hobane e ne e sa qenehele! Ke tla ba qadikanya hara Jakobo, ke ba hasanye hara Iseraele.
Yaba ba itekenyetsa ka homere, mme ya neng a odile haholo, ha a ka a sallwa, mme ya neng a odile hanyenyane, ha a ka a haellwa; e mong le e mong a itekanya kamoo a jang kateng.
ba fetisang ka bongata o tla ba nea lefa le fetisang ka boholo, ba banyenyane ka palo ya bona o tla ba nea lefa le lenyenyane; e mong le e mong o tla newa lefa le lekaneng le palo ya ba badilweng ba leloko la hae.
Le metsana yohle e teetseng metse eo hare kahohle ho isa Baalathe-Beere, e leng Rama wa borwa. Ke leo lefa la leloko la bana ba Simeone, ka matlo a bona.