Joshua 19:50 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka taelo ya Jehova, ba mo nea motse oo a o kopileng, Thimnathe-Sera, thabeng ya Efraime; mme a haha motse, a dula teng. BIBELE Ho ya ka taelo ya Morena, ba mo nea motse oo a o kopileng, e leng Timina-Sera, e naheng e maralla ya Efraime. A tsosa motse oo, mme a aha teng. |
Moradi wa hae ke Sheera, ya ileng a haha Bethe-Horone ya katlase, le Bethe-Horone ya kahodimo, le Ussene-Sheera.
Eitse hobane ba qetelle ho arola naha ho e etsa lefa la bona, ka meedi ya bona, bana ba Iseraele ba nea Joshua, mora Nune, lefa hara bona.
Ba mo pata naheng ya lefa la hae, Thimnathe-Sera, thabeng ya Efraime, nqa leboya ho thaba ya Gaashe.
a ba a patwa naheng ya lefa la hae, Timnathe-Herese, dithabeng tsa Efraime, nqa leboya ho thaba ya Gaashe.