Ke leo lefa la leloko la Asere ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona.
Ena ke yona naha ya bana ba morabe wa Ashere, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
Haele Asere, bohobe ba hae e tla ba bo nonneng, o tla hlahisa menate ya marena.
Moeding wa Dane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Asere.
Hape, ke Umma le Afeke, le Rehobe: ke metse e mashome a mabedi a metso e mmedi le metsana ya yona.
Karolo ya botshelela ya laolelwa bana ba Nefthali, ke ho re, bana ba Nefthali ka matlo a bona.