Ebile ba bang ba mo fetohela Jerusalema, a mpa a balehela Lakishe; yaba ba mo phallela ho fihla Lakishe, ba mmolaela teng.
Joshua 15:39 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lakishe, Botskathe, le Eglone; BIBELE le Lakishe, le Bosekate, le Egelone, |
Ebile ba bang ba mo fetohela Jerusalema, a mpa a balehela Lakishe; yaba ba mo phallela ho fihla Lakishe, ba mmolaela teng.
Jwale Esekiase, morena wa Juda, a romela ho morena wa Assiria, Lakishe, a re: Ke sitilwe; kgutla ho nna; seo o tla ntjarisa sona ke tla se jara. Morena wa Assiria a lefisa Esekiase, morena wa Juda, ditalenta tse makgolo a mararo tsa silefera, le talenta tse mashome a mararo tsa kgauta.
Leha ho le jwalo, morena wa Assiria, ha a le Lakishe, a romela Tharthane, le Rabe-Sarise, le Rabshake, ka makgotla a mangata, ho Esekiase, Jerusalema. Ba tla, ba fihla pela Jerusalema; ha ba fihlile, ba tla, ba ema moeding wa letsha le kahodimo, mmileng o pela tshimo ya mohlatswi.
Rabshake a kgutla, a fihlela morena wa Assiria a lwantsha Libna; hobane o ne a utlwile ha ho thwe, o tlohile Lakishe.
Josiase o ne a le dilemo tse robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Jedida, moradi wa Adaia wa Botskathe.
Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, a romela ho Hohame, morena wa Hebrone, le ho Pireame, morena wa Jarmuthe, le ho Jafia, morena wa Lakishe, le ho Debire, morena wa Eglone, a re:
Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba ntoo feta Lakishe, ba ya Eglone, ba emisa pela teng, mme ba o lwantsha.