Joshua 15:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ha a tlile ho monna wa hae, a mo phehella hore a kope tshimo ho ntatae; ebile Aksa o theoha hodima esele ya hae kapele, mme Kalebe a re ho yena: O batlang? BIBELE Ha Akasa a fihla ho Oteniele, Oteniele a mo pheella hore a kope ntatae, Kalebe, a ke a mo qothele naha. Ha Akasa a tholoha tonki ya hae, Kalebe a re ho yena: “O batlang?” |
A re: Nnee mpho, hobane o nneile naha nqa borwa; nnee le didiba tsa metsi. A mo nea didiba tse kahodimo le tse katlase.
Aksa ha a fihla hae, a susumetsa monna wa hae hore a qele tshimo ho ntatae. Ebile Aksa o theoha eseleng ya hae, mme Kalebe a re ho yena: Taba ya hao ke efe?
Abigaile, ha a bona Davida, a phakisa a theoha eseleng, a itihela fatshe ka sefahleho sa hae, a inamela fatshe.