Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;
Joshua 13:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) Naha ya bona ke ho tloha Mahanaime, Bashane kaofela, mmuso wohle wa Oge, morena wa Bashane, le metsana yohle ya Jaire, e Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng; BIBELE Moedi wa bona o ne o tloha Mahanaime, le Bashane yohle, le naha eohle ya Oge, kgosi ya Bashane, le metsaneng yohle ya Jaire e mashome a tsheletseng, e neng e le Bashane. |
Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;
Hamorao, ba kgutla, mme ba nyoloha ka tsela ya Bashane. Yaba Oge, morena wa Bashane, o a tswa, a ba kgahlanyetsa ho ba lwantsha Edrei, a ena le batho ba hae kaofela.
Ra nka metse yohle e lehwatateng, le naha yohle ya Gileade, le ya Bashane, ho ya fihla Salka le Edrei, metse ya mmuso wa Oge, Bashane.
Motsotsong oo, ra nka metse yohle ya hae; ha ho motse oo re sa kang ra o hapa; ra nka metse e mashome a tsheletseng, naha yohle ya Argobe, ke ho re, mmuso wa Oge, morena wa Bashane.
le ho tloha Heshbone ho isa Ramathe-Mitspa le Bethonime; le ho tloha Mahanaime, ho isa moeding wa Debire.
Hape, Moshe o ne a neile ba mothapo wa leloko la Manasse lefa; lefa la mothapo o mong wa bana ba Manasse la dula jwana:
hobane baradi ba Manasse ba kile ba newa lefa hammoho le bara ba hae; bara ba Manasse ba bang ba newa lefatshe la Gileade.
Lelokong la Gade, Ramothe-Gileade le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Mahanaime le meraka ya wona;