Le bona bana ba mothapo o mong wa Manasse ba aha naheng eo; ba aha ba tletse ho tloha Bashane ho ya Baale-Hermone, le Senire, le thabeng ya Hermone.
Joshua 13:29 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, Moshe o ne a neile ba mothapo wa leloko la Manasse lefa; lefa la mothapo o mong wa bana ba Manasse la dula jwana: BIBELE Moshe a abela karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha. E ne e le karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona. |
Le bona bana ba mothapo o mong wa Manasse ba aha naheng eo; ba aha ba tletse ho tloha Bashane ho ya Baale-Hermone, le Senire, le thabeng ya Hermone.
ha le sa kgutle naha e eso ho bewe tlasa Jehova, teng le tla hloka molato pela Jehova le pela Iseraele, mme naha ena e tla ba leruo la lona pela Jehova.
Ho setseng ha Gileade, le naha yohle ya Bashane, e leng mmuso wa Oge, ka e nea mothapo o mong wa leloko la Manasse; ke naha ya Argobe, hammoho le naha yohle ya Bashane; ke yona naha e neng e bitswa naha ya Barefaime.
Naha ya bona ke ho tloha Mahanaime, Bashane kaofela, mmuso wohle wa Oge, morena wa Bashane, le metsana yohle ya Jaire, e Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng;
Manasse a abelwa jwalo karolo tse leshome kantle ho lefatshe la Gileade le Bashane, le mose wane wa Jordane;
hobane baradi ba Manasse ba kile ba newa lefa hammoho le bara ba hae; bara ba Manasse ba bang ba newa lefatshe la Gileade.
Moshe o ne a neile mothapo o mong wa leloko la Manasse lefa naheng ya Bashane; mme mothapo o mong o ne o neilwe lefa ke Joshua hammoho le banababo bona, mose o mong wa Jordane, nqa bophirimela. Joshua, ha a ba kgutlisetsa tenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa.