Metse ya Heshbone le Eleale e a howa, mantswe a yona a utlwahetse ho isa Jahatse; le bona bahale ba Moabe ba phahamisa mantswe a bona, dipelo tsa bona kaofela di a tepella.
Joshua 13:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) le Jaatse, le Kedemothe, le Mefaathe; BIBELE le Jahase, le Kedemote, le Mefaata, |
Metse ya Heshbone le Eleale e a howa, mantswe a yona a utlwahetse ho isa Jahatse; le bona bahale ba Moabe ba phahamisa mantswe a bona, dipelo tsa bona kaofela di a tepella.
Kahlolo e setse e tlile naheng ya lehwatata, e tlile le Holone, le Jahatse, le Mefaathe,
Pokollo ya Heshbone e utlwahala ho isa Eleale; e utlwahala le ho fihla Jahatse, ho tloha Tsoware, ho isa Horonaime le Eglathe-Shelishija; hobane le wona metsi a Nimrime a sentswe.
Empa Sihone ha a ka a dumella Iseraele ho feta ka naha ya hae; empa a bokella setjhaba sa hae kaofela, a ya kgahlanyetsa Iseraele feelleng. A tla Jahatse, a lwantsha Iseraele teng.
Eitse ha re fihla lefeelleng la Kedemothe, ka romela manqosa ho Sihone, morena wa Heshbone, ka mantswe a kgotso, ka re:
ke Heshbone le metse yohle ya teng e ka sehlabeng; Dibone le Bamothe-Baale, le Bethe-Baale-Meone
Empa Sihone ha a ka a dumella Baiseraele ho tlola moedi wa hae, Sihone a mpa a phutha setjhaba sa hae kaofela, ba ya emisa Jahatse, mme ba lwantsha Baiseraele.