Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Empa Sihone ha a ka a dumella Iseraele ho feta ka naha ya hae; empa a bokella setjhaba sa hae kaofela, a ya kgahlanyetsa Iseraele feelleng. A tla Jahatse, a lwantsha Iseraele teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho tshela moedi wa hae. A bokanya setjhaba sa hae kaofela, a tswa, a futuhela Baiseraele lehwatateng. A ya fihla Jahase, moo a ileng a lwana le Baiseraele teng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:23
11 Referencias Cruzadas  

Metse ya Heshbone le Eleale e a howa, mantswe a yona a utlwahetse ho isa Jahatse; le bona bahale ba Moabe ba phahamisa mantswe a bona, dipelo tsa bona kaofela di a tepella.


Kahlolo e setse e tlile naheng ya lehwatata, e tlile le Holone, le Jahatse, le Mefaathe,


Pokollo ya Heshbone e utlwahala ho isa Eleale; e utlwahala le ho fihla Jahatse, ho tloha Tsoware, ho isa Horonaime le Eglathe-Shelishija; hobane le wona metsi a Nimrime a sentswe.


Athe ke nna ke neng ke timetse Baamore pela lona, bao bolelele ba bona bo neng bo le ka ka bolelele ba dikedare, ba le matla jwaloka dieike, ka timetsa tholwana tsa bona hodimo le metso ya bona tlase.


Edomo a re: O ke ke wa ba wa feta ha ka; ha o ka leka, ke tla tswa, ke o kgahlanyetse ka lerumo.


Edomo a hana jwalo ho dumella bana ba Iseraele ho feta naheng ya hae. Yaba Iseraele o a kgeloha.


ba le mose o kwano ho Jordane, sekgutlong se mabapa le Bethe-Peore, naheng ya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, eo Moshe le bana ba Iseraele ba neng ba mo hlotse ha ba se ba tswile Egepeta.


le Jaatse, le Kedemothe, le Mefaathe;


Empa Sihone ha a ka a dumella Baiseraele ho tlola moedi wa hae, Sihone a mpa a phutha setjhaba sa hae kaofela, ba ya emisa Jahatse, mme ba lwantsha Baiseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos