Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Baiseraele ba mo hlola ka bohale ba lerumo, ba nka naha ya hae, ho tloha Arnone ho isa Jabboke, le ho isa moeding wa bana ba Ammone; hobane moedi wa bana ba Ammone o ne o tiisitswe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Baiseraele ba bolaya Sihone ka sabole, ba hapa naha ya hae, ho tloha Arenone ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla naheng ya bana ba Amone, hobane moedi wa bana ba Amone o ne o raletswe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:24
24 Referencias Cruzadas  

A tsoha bosiung boo, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bana ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela lediboho la Jabboke.


Wa ba fa le mebuso le ditjhaba, mme wa ba arolela tsona ka dikoto; ba rua lefatshe la Sihone morena wa Heshbone, le lefatshe la Oge, morena wa Bashane.


Sihone, morena wa Baamore: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Athe ke nna ke neng ke timetse Baamore pela lona, bao bolelele ba bona bo neng bo le ka ka bolelele ba dikedare, ba le matla jwaloka dieike, ka timetsa tholwana tsa bona hodimo le metso ya bona tlase.


Ba tloha teng, ba ya emisa mose wane wa Aarone, e leng noka e phallang feelleng ha e etswa naheng ya Baamore; hobane Arnone ke moedi wa Moabe, mahareng a Moabe le Baamore.


Ke ha a sa tswa bolaya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a ahile Ashtarothe le Edrei.


Eitse mohla le fihlang nqalong ena, Sihone, morena wa Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ba ile ba tswa, ba tla ho re lwantsha, empa ra ba bolaya;


Haele Barubene le Bagade, ka ba nea karolo e nngwe ya naha ya Gileade ho isa nokaneng ya Arnone (bohare ba noka ke moedi) le ho isa nokaneng ya Jabboke, e leng moedi wa bana ba Ammone.


Jehova o tla etsa ka ditjhaba tseo jwalokaha a entse ka Sihone le ka Oge, marena a Baamore, le ka naha ya bona, kamoo a ba fedisitseng kateng.


ba le mose o kwano ho Jordane, sekgutlong se mabapa le Bethe-Peore, naheng ya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, eo Moshe le bana ba Iseraele ba neng ba mo hlotse ha ba se ba tswile Egepeta.


le mmuso wohle wa Oge, Bashane, ya neng a busa Ashtarothe le Edrei, ya neng a setse wa Barefaime; Moshe o ne a ba hlole, a ba a ba leleka.


Ka ba ka le tlisa lefatsheng la Baamore, ba neng ba ahile mose wane wa Jordane, mme ba le lwantsha; empa ka ba neela matsohong a lona, mme la rua lefatshe la bona; mme ka ba timetsa pela lona.


le tsohle tseo a di entseng ho marena a mabedi a Baamore, a mose wane wa Jordane, e leng Sihone, morena wa Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a le Ashtarothe.


Jehova a re ho bana ba Iseraele: Ha ke re, ke se nkile ka le namolela matsohong a Baegepeta, le a Baamore, le a bana ba Ammone, le a Bafilesta na?


Morena wa bana ba Ammone a re ho manqosa a Jafeta: Ke kahobane Baiseraele ba nkile naha ya ka, ho tloha Arnone ho ya fihla Jabboke le Jordane, mohla ba nyolohang Egepeta; e busetse ho nna jwale ka kgotso.


Ke ha ba tla re: Ana ke bafe ba meloko ya Iseraele ba sa kang ba nyolohela ho Jehova, Mitspe, na? Yaba ba fihlela hobane ho se le a mong wa Jabeshe-Gileade ya nyolohetseng diahelong le phuthehong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos