Joshua 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Marena ao kaofela a kopana, a tla a emisa hammoho pela metsi a Merome, ho lwantsha Iseraele. BIBELE Dikgosi tsena tsohle tsa kopanya mabotho, mme hammoho tsa fihla tsa hloma metsing a Merome, ho lwantsha Baiseraele. |
Jehova, bao e leng dira ho nna ba bangata hakakang! Ba bangata hakakang ba ntsohelang matla!
Hlabang mokgosi, lona ditjhaba; le tla robakwa dikoto. Sekehang ditsebe, lona bohle ba ahileng dinaheng tse hole; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto.
A tswa ka makgotla a wona kaofela, e le batho ba bangata ba ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle ka bongata, ba ena le dipere le makoloi a ntwa a mangatangata.
Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ha ho le jwalo, ke tla ba neela matsohong a Baiseraele, ba se ba bolailwe; o tla poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, o tjhese makoloi a bona.
Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.