15 Basiria, eitse ha ba bona hobane ba hlotswe ke Baiseraele, ba boela ba phutheha.
15 Ha Baarame ba bona hore Baiseraele ba ba hlotse, ba boela ba kgobokanya mabotho.
Bana ba Ammone, ha ba bona hobane Basiria ba balehile, le bona ba baleha pela Abishai, ba kena hae motseng. Yaba Joabe o kgutla ntweng ya bana ba Ammone, a boela Jerusalema.
Hadadesere a romela ho lata Basiria ba mose wane ho noka, ba tla Helame; Shobake, molaodi wa sera sa Hadadesere, e le motsamaisi wa bona.
Davida a hlola le Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba, ya neng a re, o tla boela a hape naha e leng ya hae nokeng ya Eufrate.
Na ditjhaba di dumadumelang, mme batho ba rerelang tsa lefeela?
ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.
Jabine, morena wa Hatsore, ha a utlwa tseo, a romela ho Jobabe, morena wa Madone, le ho morena wa Shimrone, le ho morena wa Aksafe,
Marena ao kaofela a kopana, a tla a emisa hammoho pela metsi a Merome, ho lwantsha Iseraele.