Ha Baamone ba bona hore Baarame ba balehile, le bona ba baleha Abishai, ba ba ba ya kena motseng. Jwale Joabe a kgaotsa ho ba phaladisa, a kgutlela Jerusalema.
Hadade-Esere a laela hore ho latwe Baarame ba neng ba le kamose wane ho Noka. Baarame bao ba fihla Helame, ba ena le Shobake, molaodi wa mabotho a Hadade-Esere, a ba eteletse pele.
ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.