La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 11:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

ho tloha thabeng e phollatsi e nyolosetsang Seire ho ya fihla Baale-Gade, sekgutlong sa Lebanone, katlase ho thaba ya Hermone; a tshwara le marena wohle a teng, a a hlaba, a a bolaya.

Ver Capítulo

BIBELE

Ho tloha thabeng ya Halaka, ho ya fihla Seire, le ho ya fihla Baale-Gade, kgohlong ya Lebanone, mosikong wa thaba ya Heremone, Joshua a hapa dikgosi tsohle tsa dinaha tsena, a di otla, mme a di bolaya.

Ver Capítulo



Joshua 11:17
12 Referencias Cruzadas  

Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;


O bopile leboya le borwa; Thabore le Hermone di rorisa lebitso la hao.


Sokolohang, le tsamaye, le ye thabeng ya Baamore le ditjhabeng tsohle tse bapileng le bona, lehwatateng, le thabeng, le thoteng, le nqa borwa, le lebopong la lewatle, naheng ya Bakanana, le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo, e leng noka ya Eufrate.


Ra sokoloha, ra leba nqa lefeelleng ka tsela ya Lewatle le Lefubedu, kamoo Jehova a neng a mpoleletse kateng, mme ra potoloha thaba ya Seire ka ditshiu tse telele.


[Basidone ba bitsa Hermone Sirione, Baamore bona ba e bitsa Senire.]


A re: Jehova o tlile a etswa Sinai; o ba tjhabetse a etswa Seire; a kganya a le thabeng ya Parane; o tlile a etswa makgotleng a diketekete a kgethehileng; ka letsoho la hae le letona, a ba romela mollo wa molao.


O tla neela marena a tsona matsohong a hao, mme o tla hlakola mabitso a wona tlasa lehodimo; ha ho motho ya tla tseba ho ema pela hao, ho fihlela o ba qeta kaofela.


ho tloha lefeelleng le Lebanone ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate, fatshe lohle la Bahethe, le ho ya fihla Lewatleng le Leholo, ka nqa bophirimatsatsi; ke yona naha ya lona.


Joshua a lwana le marena ao wohle ka tshiu tse ngata.


le ho Bakanana ba ka nqa botjhabela le ba ka nqa bophirimela, le ho Baamore, le ho Bahethe, le ho Baferese, le ho Bajebuse dithabeng, le ho Baheve ba katlase ho Hermone, naheng ya Mitspe.


Hape, ke fatshe la Bagible le Lebanone kaofela nqa botjhabatsatsi, ho tloha Baale-Gade tlasa thaba ya Hermone, ho isa haufi le Hamathe.