Bana ba Iseraele ba ikgapela mesebetsi yohle e metseng eo, le makgomo; haele batho bohle, bona ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa, ba se ke ba siya motho le a mong a phela.
Bana ba Iseraele ba inkela thepa yohle ya metse ena, le diphoofolo, e le kgapo ya bona. Empa banna bohle bona ba ba bolaya ka sabole, ho tihlela ba ba timetsa; ba se ke ba siya le ya mong ya phelang.
Eitse ha Josafate le setjhaba sa hae ba tla ho hapa kgapo, ba fumana diphahlo tse ngata mahareng a ditopo le mesebetsi ya bohlokwa; ba ikgapela yona, ba ba ba sitwa ho e jara, ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba thotha thepa, hobane e ne e le kgolo.
Haele basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tsa motse, thepa yohle ya wona, o ikgapele tsona, mme o je thepa ya dira tsa hao, eo o e neilweng ke Jehova, Modimo wa hao.
Joshua a hlola fatshe leo lohle jwalo, le dithaba, le naha e ka nqa borwa, le mahwatata, le maralla, le marena wohle a teng; ha a ka a siya motho le a mong, a mpa a timetsa bohle ba phelang, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.
Jwalokaha Jehova a ne a laetse mohlanka wa hae Moshe, le yena Moshe a laetse Joshua, le yena Joshua a etsa jwalo. Ha a ka a feta taba leha e le nngwe ya tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe.
Etsa ho Ai le ho morena wa teng jwalokaha o entse ho Jeriko le ho morena wa teng; feela tse tla hapjwa teng, le dikgomo tsa teng, e tle e be mafohlo a lona. Bea mekgahlelo kamora motse.