Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Etsa ho Ai le ho morena wa teng jwalokaha o entse ho Jeriko le ho morena wa teng; feela tse tla hapjwa teng, le dikgomo tsa teng, e tle e be mafohlo a lona. Bea mekgahlelo kamora motse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 O etse Ai le kgosi ya yona jwalokaha o ile wa etsa Jeriko le kgosi ya yona. Le tla inkela feela thepa ya yona, le diphoofolo tsa yona, e le kgapo ya lona. Bahlabani ba lalle kamorao ho motse.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:2
27 Referencias Cruzadas  

Empa Jeroboame a isa ba lallang maraong a Bajuda; haele yena a ema mabapa le Bajuda, mme ba laletseng ba eba kamora bona.


Ba re ba sa qala ho etsa dipina le dithoko, Jehova a bea balalli ba ho lwantsha bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire ba futuhetseng Bajuda; mme ba hlolwa.


Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!


Motho e motle o siela ditloholo tsa hae lefa; empa maruo a moetsadibe a tla fuwa motho ya lokileng.


Motho ya tshepehang o ruile mahlohonolo; empa ya ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.


Ya bokellang maruo ka ho se loke, ke kgwale e alamang se sa beweng ke yona; mahareng a ditshiu tsa hae o ya a tlohela, ho feleng ha hae e tla ba lewatla.


Emisetsang marako a Babilona folaga, tiisang balebedi, beang dibohodi, le lokise dihlwela, hobane Jehova le yena o a rera, le hona o tla etsa seo a se boletseng bakeng sa baahi ba Babilona.


Feela ra ikgapela makgomo le thepa ya metse eo re e nkileng.


Haele basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tsa motse, thepa yohle ya wona, o ikgapele tsona, mme o je thepa ya dira tsa hao, eo o e neilweng ke Jehova, Modimo wa hao.


Jehova a re ho nna: Se mo tshabe, hobane ke mo neetse matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae kaofela, le naha ya hae, o tle o etse ka yena kamoo o entseng kateng ka Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone.


Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, ha a utlwa kamoo Joshua a keneng Ai kateng, a o fedisitseng, le hore jwalokaha a ne a entse ka Jeriko le ka morena wa teng, o entse jwalo le ka Ai le ka morena wa teng; le kamoo ba ahileng Gibeone ba entseng kgotso le Baiseraele kateng, ba bileng ba jakile ho bona,


Tsatsing leo, Joshua a kena Makkeda, mme a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, a timetsa le morena wa teng le batho bohle ba teng; ha a ka a siya motho le a mong teng; a etsa ho morena wa Makkeda jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.


Bana ba Iseraele ba ikgapela mesebetsi yohle e metseng eo, le makgomo; haele batho bohle, bona ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa, ba se ke ba siya motho le a mong a phela.


Ba etsa ntho tsohle tse motseng anathema, banna le basadi, bana le maqheku, le makgomo, le manku, le diesele; ba di timetsa ka bohale ba lerumo.


A nka banna ba ka bang kete tse hlano, a ba bea mekghahlelo dipakeng tsa Bethele le Ai ka nqa bophirimela ho motse.


Morena wa Ai ha a bona hoo, banna ba motse ba akofa ba tsohela, ba tswela lehwatateng ho kgahlanyetsa Baiseraele, moo ho kgethilweng, e le yena le batho bohle ba hae; empa o ne a sa tsebe hobane o beetswe mekgahlelo kamora motse.


Jwale ba mekgahlelo ba tloha kapele moo ba dutseng teng, ha ba bona a otlolotse letsoho la hae; ba titima, ba kena motse, ba o nka, mme ba phakisa ba tjhesa motse.


Baiseraele, eitse hobane ba qete ho bolaya ba ahileng Ai, naheng le lefeelleng, moo ba ba phalletseng teng, bohle ha ba dihilwe ka bohale ba lerumo, ba se ba timetse, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya le ba teng ka bohale ba lerumo.


Ebile Joshua o tloha, a ya le bahlabani bohle ho ya futuhela Ai; Joshua a kgetha banna ba bahale, ba kete tse mashome a mararo, a ba roma bosiu.


Ke hona le tla tsoha mekgahlelong, le kene motse, hobane Jehova, Modimo wa lona, o tla o neela matsohong a lona.


Etlare ha le kene motse, le tjhese motse. Etsang hoo ka taelo ya Jehova; bonang, ke le laetse.


Joshua a ba roma, ba ya mekgahlelong, ba ema dipakeng tsa Bethele le Ai, ka nqa bophirimela ho Ai; Joshua yena a hlola bosiu bona le setjhaba.


Empa ba ahileng Gibeone, ha ba utlwa kamoo Joshua a entseng ka Jeriko le Ai kateng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos