Jwale a qhaneha esele, a re ho mohlankana wa hae: E hule, o tsamaye; o se ke wa ntiehisa ha ke kaletse, haese ha ke o bolella.
Joshua 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba banna ba Gibeone ba romela ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re: O se ke wa tlosa letsoho la hao ho bahlanka ba hao; tloo ho rona kapele, o re namolele, o re thuse; hobane marena wohle a Baamore a ahileng dithabeng a re bokanetse ho re lwantsha. BIBELE Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua, diahelong tsa hae Gilegale, ba re: “O se ke wa phutha matsoho a hao, wa lahla bahlanka ba hao; nyolohela ho rona kapele, o tlo re thusa, mme o re pholose. Dikgosi tsohle tsa Baamore tse phelang naheng e maralla di re dikanetse.” |
Jwale a qhaneha esele, a re ho mohlankana wa hae: E hule, o tsamaye; o se ke wa ntiehisa ha ke kaletse, haese ha ke o bolella.
Dithaba di teela Jerusalema hare; Jehova o teela setjhaba sa hae hare jwalo, jwale le ka ho sa yeng kae.
Hobane Jehova ke moahlodi wa rona, Jehova ke molaodi wa rona, Jehova ke morena wa rona, o tla re boloka.
Baamaleke ba ahile ka nqa borwa; Bahethe, le Bajebuse, le Baamore ba ahile dithabeng; Bakanana bona, ba ahile pela lewatle le mabapa le Jordane.
Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona.
Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha.
ba newa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, dithabeng tsa Juda, le meraka ya wona e o teetseng hare; Arba e ne e le ntata Anake.
Bana ba Iseraele ba emisa Gilgale, ba etsa Paseka ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, nakong ya mantsiboya, mahwatateng a Jeriko.
Joshua a etsa kgotso le bona, a hlaba selekane le bona, sa ho ba tlohela ba phela; mme hlooho tsa phutheho tsa itlamela hona ka kano.
Ba fihla ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re ho yena le ho banna ba Iseraele: Re tswa naheng e hole; hlabang selekane le rona jwale.