Joshua 10:32 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a neela Lakishe matsohong a Baiseraele; ba o kena ka la bobedi, ba bolaya bohle ba teng ka bohale ba lerumo, jwalokaha ho ne ho entswe Libna. BIBELE Morena a neelana ka motse oo wa Lakishe matsohong a bana ba Iseraele. Ka letsatsi la bobedi a o hapa, a bolaya batho bohle, ba neng ba phela motseng oo, ka sabole, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Lebena. |
Rabshake a kgutla, a fihlela morena wa Assiria a lwantsha Libna, hobane o ne a utlwile hoba o tlohile Lakishe.
ha Jehova, Modimo wa hao, a se a di neetse matsohong a hao, mme o di qhadile, o ke o di neele anathema; o se ke wa etsa selekane le tsona, mme o se ke wa di qenehela.
Tsatsing leo, Joshua a kena Makkeda, mme a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, a timetsa le morena wa teng le batho bohle ba teng; ha a ka a siya motho le a mong teng; a etsa ho morena wa Makkeda jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.
Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba feta Libna, ba ya Lakishe, ba emisa pela teng, mme ba o lwantsha.
Yaba Horame, morena wa Gesere, o tla ho tlatsa Lakishe; empa Joshua a mmolaya le batho ba hae, a se ke a mo siela motho le a mong.
Joshua a kena le metse yohle ya marena ao, a bolaya marena wohle a teng, a a timetsa ka bohale ba lerumo, a a fedisa, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse.