Haele Joabe, a nna a lwantsha Rabba, motse wa bana ba Ammone; a ba a kena motse wa moreneng.
Joshua 10:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) a tshoha haholo, hobane Gibeone e be e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, le hobane o ne o feta Ai ka boholo, le banna bohle ba teng e ne e le dinatla. BIBELE A tshoha haholo, hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, mme o le moholo ho feta Ai, le banna bohle ba wona e le dinatla. |
Haele Joabe, a nna a lwantsha Rabba, motse wa bana ba Ammone; a ba a kena motse wa moreneng.
Seo e mobe a se tshabang ke sona se tlang ho mo wela hodimo; empa ba lokileng ba tla newa seo ba se ratang.
Ha ho ka ke ha eba motho ya emang pela lona; Jehova, Modimo wa lona, o tla kenya letsoso la lona le tshabo ya lona naheng yohle eo le tla e hata ka maoto a lona, jwalokaha a le boleletse.
Kajeno, ke tla qala ho tshollela ditjhaba tse katlasa lehodimo lohle tshoho le tshabo ya hao; etlere ha di utlwa botumo ba hao, di thothomele, mme di tsielehe pela hao.
Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla bona hoba o bitswa ka lebitso la Jehova, mme di tla o tshaba.
e se e mpa e le tebello e tshabehang ya kahlolo, le bohale ba mollo o tlang ho ja bahanyetsi.
ba re ho Joshua: Ruri, Jehova o neetse fatshe lohle matsohong a rona, le bohle ba ahileng lefatsheng leo ba nyahame dipelo ke ho re tshaba.
Ba fetola Joshua, ba re: Ka baka la hobane bahlanka ba hao ba ne ba boleletswe haholo kamoo Jehova, Modimo wa hao, a laetseng mohlanka wa hae Moshe kateng, hore le neelwe lefatshe lohle, mme le timetse pela lona bohle ba ahileng lefatsheng lena; ke kahoo re tshabaneng haholo le bophelo ba rona, ka ho le tshaba, mme ra etsa jwalo.
Davida a re ho Akishe: Ha ekaba ke bone mohau ho wena, a nke ke newe motse o mong wa naha ena moo nka dulang teng; hobane mohlanka wa hao a ka dula jwang le wena motseng wa moreneng na?