Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 2:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 ba re ho Joshua: Ruri, Jehova o neetse fatshe lohle matsohong a rona, le bohle ba ahileng lefatsheng leo ba nyahame dipelo ke ho re tshaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Ba re ho Joshua: “Ruri Morena o re neile naha eo yohle; ho feta mona, baahi bohle ba yona ba tshositswe haholo ke ho utlwa hore re a tla.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 2:24
16 Referencias Cruzadas  

Mahosana a Edomo a kile a tlakasela, dinatla tsa Moabe di bolailwe ke matswalo, baahi bohle ba Kanana ba qhibilihile.


Ke tla bea meedi ya hao ho tloha Lewatleng le Lefubedu ho isa Lewatleng la Bafiliseta, le ho tloha lefeelleng ho isa nokeng; hobane ke tla neela matsohong a lona ba ahileng fatsheng lena, o tle o ba leleke pela hao.


Lenqosa le tshepehang ho ba le romileng, le jwaloka lehlwa le tsedidi mohla kotulo, le phodisa pelo ya morena wa lona jwalo.


Buka ena ya molao e se ke ya tloha molomong wa hao; o o nahane motshehare le bosiu, o tle o hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngodilweng teng; ke moo o tla atleha metsamaong ya hao, o iketle.


Banna bao ba babedi ba kgutla, ba theoha thabeng, mme ba tshela noka, ba fihla ho Joshua, mora Nune, ba mo phetela tsohle tse ba hlahetseng;


Empa marena wohle a Baamore, a leng ka nqa bophirimela ho Jordane, le marena wohle a Bakanana, a pela lewatle, ha a utlwa kamoo Jehova a pshesitseng metsi a Jordane kateng, pela bana ba Iseraele, ba ba ba tshela, a nyahama dipelo, mme a fela matla ke ho tshaba bana ba Iseraele.


Yaba Jehova o re ho Joshua: Bona, ke neetse Jeriko matsohong a hao, le morena wa teng, le bahale ba teng.


Yaba Jehova o re ho Joshua: Se tsohe, mme o se ke wa tepella; eya o nkile le wena bahlabani bohle, o tlohe, o futuhele Ai; bona, ke neetse matsohong a hao morena wa Ai, le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le lefatshe la hae.


Jehova a araba, a re: Ho futuhe Juda; bonang, ke neetse lefatshe matsohong a hae.


Ha le fihla teng le tla fihlela setjhaba se iketlileng; le yona naha e phatlaletse kahohle; hobane Modimo o e neetse matsohong a lona; hape, ke naha e sa hlokeng letho la tsohle tse lefatsheng.


Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Ema, o theohele diahelong, etswe ke di neetse matsohong a hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos