Joshua 2:24 - BIBELE24 Ba re ho Joshua: “Ruri Morena o re neile naha eo yohle; ho feta mona, baahi bohle ba yona ba tshositswe haholo ke ho utlwa hore re a tla.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)24 ba re ho Joshua: Ruri, Jehova o neetse fatshe lohle matsohong a rona, le bohle ba ahileng lefatsheng leo ba nyahame dipelo ke ho re tshaba. Ver Capítulo |
Ha dikgosi tsohle tsa Baamore tse neng di le ka bophirimela, mose ho Jorodane, le dikgosi tsohle tsa Bakanana tse neng di le pela lewatle, di utlwa kamoo Morena a ileng a pshesa metsi a Jorodane kapele ho bana ba Iseraele kateng, ho fihlela ba tshetse, tsa nyahama dipelo, tsa fellwa ke sebete ho hang, ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele.