ha ba re: Molotsana o sirelwa ka letsatsi la tshenyeho; ka letsatsi la phetetso o tloswa pela yona?
Joshua 10:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a re: Thetelang majwe a maholo monyako wa lehaha, le bee banna teng ho a lebela; BIBELE Joshua a re: “Phikolosetsang majwe a maholo molomong wa lehaha, le bee balebedi moo, ba di lebele. |
ha ba re: Molotsana o sirelwa ka letsatsi la tshenyeho; ka letsatsi la phetetso o tloswa pela yona?
Ho tla ba jwaloka motho ha a balehela tau, mme a kgahlana le bere, kapa a kena tlung, a bea letsoho la hae leboteng ho ikokotlela, mme noha e mo loma.
Ka bona Morena a eme pela aletare, mme a re: Otla hloro ya ntlo, ho be ho sisinyehe le difate tsa monyako; o di robakanye hodima dihlooho tsa bona kaofela. Ba setseng, ke tla ba bolaya ka lerumo; ho ke ke ha eba le a mong ho bona ya ka balehang, leha a le mong a ke ke a ba teng ya ka phonyohang ho bona.
Yaba ba ya, ba tiisa lebitla, ba lebeletsa lejwe ka letshwao la bona, mme ba bea balebedi.
empa le se ka la ema; le phallele dira tsa lona, le bolaye marao a tsona; le se ka la dumela hobane ba kene metseng ya bona; hobane Jehova, Modimo wa lona, o ba neetse matsohong a lona.
Ebile Joshua o re: Thibollang monyako wa lehaha, le nntshetse lehaheng marena ao a mahlano.