Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 10:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 empa le se ka la ema; le phallele dira tsa lona, le bolaye marao a tsona; le se ka la dumela hobane ba kene metseng ya bona; hobane Jehova, Modimo wa lona, o ba neetse matsohong a lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Empa le se ke la dula moo; le phaladise dira tsa lona, le bolaye ba saletseng morao. Le se ke la ba dumella ho kena metseng ya bona, hobane Morena Modimo wa lona, o le neetse bona matsohong.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 10:19
8 Referencias Cruzadas  

Leha a itshabela motseng o mong, Baiseraele bohle ba tla tlisa marapo motseng oo, re o hulele nokeng, ho fihlela ho sa fumanwe lejwe la teng leha le le leng.


Ka baka leo, Davida a re ho Abishai: Jwale, Sheba, mora Bikri, o tla re senyetsa ho feta Absalome; eya, wena le bahlanka ba monga hao, o mo phallele, esere mohlomong a bona metse e marako, a re phonyohela jwalo.


Ho rohakwe ya tla etsa mosebetsi wa Jehova ka botswa; ho rohakwe ya tlosang lerumo la hae mading.


Re ituletse keng? Phuthehang, re kene metseng e diqhobosheane, re tle re felle teng, hobane Jehova, Modimo wa rona, o ya re fedisa, o ya re nosa metsi a mahloko, hobane re sitetswe Jehova.


Joshua a re: Thetelang majwe a maholo monyako wa lehaha, le bee banna teng ho a lebela;


Joshua le bana ba Iseraele ba qetella ho ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba timeletsa; ba phonyohileng bona ba kena metseng e marako.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos