Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 10:19 - BIBELE

19 Empa le se ke la dula moo; le phaladise dira tsa lona, le bolaye ba saletseng morao. Le se ke la ba dumella ho kena metseng ya bona, hobane Morena Modimo wa lona, o le neetse bona matsohong.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 empa le se ka la ema; le phallele dira tsa lona, le bolaye marao a tsona; le se ka la dumela hobane ba kene metseng ya bona; hobane Jehova, Modimo wa lona, o ba neetse matsohong a lona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 10:19
8 Referencias Cruzadas  

Haeba a ka etsa sealo ho ya kena motseng, Baiseraele bohle ba tla tlisa mehala, mme ka yona re hulele motse oo ka nokeng, ho fihlela ho se lejwe le le leng la motse oo le setseng.”


Davida a re ho Abishai: “Sheba, mora wa Bikiri, o kotsi ho rona le ho feta Abosalome. Phutha bahlanka ba monga hao, o mo phaladise, esere a kena metseng e nang le diqhobosheane, mme a re phonyoha.”


“Ya sa natseng mosebetsi wa Morena a rohakehe! Ya sa tsholleng madi ka sabole a rohakehe!”


“Re sa duletseng? A re kgobokaneng bohle! A re tshabeleng metseng e haheleditsweng, lefu ha le fihla le re fumane moo! Morena Modimo o re abetse timelo, o tla re nwesa metsi a tletseng mahloko, hobane rona re sitetswe Morena.


Joshua a re: “Phikolosetsang majwe a maholo molomong wa lehaha, le bee balebedi moo, ba di lebele.


Ha Joshua le bana ba Iseraele ba qetile ho ba rinya, ho fihlela ba ba ba timela, haese masalla a bona a ileng a kena metseng e nang le diqhobosheane;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos