Ho itswe ke Jehova: Setjhaba se siilweng ke lerumo se bone mohau lefeelleng; a re yeng, re tle re nee Iseraele phomolo.
Joshua 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Elellwang taba eo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le laetseng yona, mohla a reng: Jehova, Modimo wa lona, o le kgatholotse, o le neile fatshe lena. BIBELE “Hopolang lentswe leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a le laele lona, a re: ‘Morena Modimo wa lona, o tla le phomotsa, a le nee naha ena.’ |
Ho itswe ke Jehova: Setjhaba se siilweng ke lerumo se bone mohau lefeelleng; a re yeng, re tle re nee Iseraele phomolo.
Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona ba banyenyane, le makgomo a lona mose o kwano wa Jordane, fatsheng leo Moshe a le neileng lona; haele lona bahale bohle, le etelle banababo lona pele le hlometse, le ba tlatse;
Jehova a ba kgatholla hohle, kahohle kamoo a neng a hlapanyeditse bontata bona kateng; ha ho a ka ha eba se seng ho dira tsohle tsa bona se kileng sa tiya pela bona, kahobane Jehova a ne a neetse dira tsa bona matsohong a bona.