le dintho tsohle tse utlwang tseo le nang le tsona, leha e le dinonyana, leha e le makgomo, le diphoofolo tsohle tsa lefatshe tseo le nang le tsona, ho qala ka tse tswileng arekeng ho isa ho tsohle tse utlwang lefatsheng.
Jonase 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme nna, o re, ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekgolo le nang le mashome a mabedi a dikete, ba sa tsebeng ho kgetha letsoho le letona la bona ho le letshehadi, hape o nang le dikgomo tse ngata! BIBELE Na nna nke ke ka hauhela Ninife, motse wa setletlehadi, o nang le baahi ba fetang dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba sa tsebeng ho kgetholla botle ho bobe; o bileng o nang le diphoolofo tse ngata hakaale?” |
le dintho tsohle tse utlwang tseo le nang le tsona, leha e le dinonyana, leha e le makgomo, le diphoofolo tsohle tsa lefatshe tseo le nang le tsona, ho qala ka tse tswileng arekeng ho isa ho tsohle tse utlwang lefatsheng.
O medisetsa makgomo jwang, o nea batho dimela tse ba lokelang; o ntsha bohobe bolemeng ba mobu,
Ho loka ha hao ho ka ka dithaba tsa Modimo, dikahlolo tsa hao di tebile jwaloka lewatle. Jehova o baballa batho le diphoofolo.
mme le tle, re lokise ditaba, ho bolela Jehova. Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu jwaloka krimsone, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu jwaloka sekarelata, di tla ba tshweu jwaloka boya ba nku.
Empa ngwana ha a eso ho tsebe ho hana bobe le ho ikgethela botle, lefatshe leo o tshabang marena a lona a mabedi, le tla senyeha.
Tloha, o ye Ninive, motseng o moholo, o o hlabele mokgosi, etswe bokgopo ba wona bo nyolohetse ho nna.
Eitse ha Modimo o bona ho etsa ha bona, kamoo ba sokolohang metsamaong ya bona e mebe kateng, Modimo le wona wa kgutla bobeng boo o neng o itse o tla bo etsa ho bona, mme ha o a ka wa bo etsa.
Jehova a re: Wena, o qenehetse monyaku oo o sa kang wa o kgathalla, leha e le ho o medisa, o itlhahetseng ka bosiu bo le bong, wa ba wa timela ka bosiu bo le bong, wa ba wa timela ka bosiu bo le bong!
Ana e ne e se tshwanelo ya hao le wena ho hauhela molekane wa hao wa bohlanka jwalokaha ke ne ke o hauhetse le wena na?
Bana ba banyenyane ba lona, bao le neng le re, ba tla hapuwa, le bana ba lona ba sa tsebeng botle leha e le bobe kajeno lena, bona ba tla kena, ke tla nea bona lefatshe, mme ke bona ba tla le rua.