Baprista le Balevi ba ema, mme ba hlohonolofatsa setjhaba; mantswe a bona a utluwa, mme merapelo ya bona ya fihla bodulong bo kgethehileng ba Jehova mahodimong.
Jonase 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ya na ya re ha moya wa ka o fela ka ho nna, ka hopola Jehova, mme thapelo ya ka ya fihla ho wena, tempeleng ya hao e kgethehileng. BIBELE “Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang. |
Baprista le Balevi ba ema, mme ba hlohonolofatsa setjhaba; mantswe a bona a utluwa, mme merapelo ya bona ya fihla bodulong bo kgethehileng ba Jehova mahodimong.
Jehova o sehalalelong sa hae, Jehova o na le terone ya hae mahodimong; mahlo a hae a bona, dintshi tsa hae di leka bana ba batho.
Yare ha moya wa ka o tepella ka ho nna, o tseba tsela ya ka. Ba ntjhehela mamena tseleng eo ke tsamayang ho yona.
Ke elellwa mehla ya kgale, ke hopola tseo o di entseng kaofela, ke nahana tsohle tseo matsoho a hao a di sebeditseng.
Matswalong a ka ka bitsa ho Jehova, ka phahamisetsa mehoo ya ka ho Modimo wa ka. A utlwa lentswe la ka a le sehalalelong sa hae, mohoweletso wa ka wa finyella pela hae ditsebeng tsa hae.
Ba bang ba ithorisa ka makoloi a bona, ba bang ka bakalli ba bona; empa rona, re tla ithorisa ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona;
Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;
Hola ke sa ka ka dumela hoba ke tla bona molemo wa Jehova lefatsheng la ba utlwang, nka be ke timetse!
Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka, ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.
Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka; sefahleho sa wona ke poloko.
Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo, ke sa tla o roka; ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.
Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, eo o mo atametsang pela hao, a tle a ikahele mabaleng a hao. Re tla kgora tse monate tsa ntlo ya hao, tsa tempele ya bokgethehi ba hao!
Bona, mahlomola a ka a mphetohetse poloko, o ithatetse ho ntsha moya wa ka lebitleng la ho fela; hobane o lahletse dibe tsa ka kaofela kamora hao.
Ke mang hara lona ya tshabang Jehova, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing, ya hlokang lesedi, a ke a tshepe lebitso la Jehova, a itshematlele ka Modimo wa hae.
Ka ba ka re: Ke lahlilwe hole le wena; leha ho le jwalo, ke tla boela ke bone tempele ya hao e kgethehileng.
Utlwang, lona ditjhaba kaofela! Sekeha tsebe, wena lefatshe le seo o tletseng sona, Morena Jehova e be yena ya pakang tsa lona, Morena a le tlung ya hae e kgethehileng!
Empa Jehova o ka tempeleng ya hae e kgethehileng ... Lefatshe lohle le ke le thole pela hae!
Le fele le lemohe ya mameletseng kganyetso e kalo ya baetsadibe, le tle le se ke la kgathala ke ho fellwa ke dipelo.
Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.