Jobo 7:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) ke wetswe jwalo ke dikgwedi tsa ho kganwetswa, mme masiu a mokgathala a beilwe kabelo ya ka. BIBELE nna lefa la ka ke kgwedi tsa ho sebeletsa lelea, ke abetswe masiu a mokgathala. |
Hola nka boela ka bona kgwedi tse jwaloka tsa mohla monene, le ditshiu tsa mohla Modimo o neng o mpoloka!
Jwaloka mofo ha a sisetsa moriti pelo, jwaloka ya ruilweng ha a lebeletse moputso wa hae,
Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.)
Ke fela ke masisapelo; ka bosiu bo bong le bo bong, ke kolobisa diphate tsa ka ka meokgo, ke thoposetsa ditao tsa ka ka yona.
Ke bone mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; mme bonang, tsohle ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.