bona, moya o moholo, o tswang feelleng, o hlile wa thula dintlha tse nne tsa ntlo, ya wela hodima ba batjha bao, mme ba shwele; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.
Jobo 5:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) bana ba lona ha ba sa na boiketlo, ba hatakelwa dikgorong, ho se ya ba namolelang. BIBELE Bana ba sona ha ba a sireletswa ke motho, ba robokellwa kgotla, ba hloka manamolela; |
bona, moya o moholo, o tswang feelleng, o hlile wa thula dintlha tse nne tsa ntlo, ya wela hodima ba batjha bao, mme ba shwele; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.
Athe o ntse o tseba hobane ha ke na molato, le hobane ha ho motho ya ka nnamolelang letsohong la hao.
Bara ba hae ba tla kgathatswa ke mafutsana, matsoho a hae a tla tshwanela ho busetsa leruo la hae.
ha bana ba hae ba atile, e tla ba dijo tsa lerumo, ditloholo tsa hae di ke se ke tsa kgora bohobe;
Ho lehlohonolo motho eo kgohlopo ya hae e tletseng bona! A ke ke a swaba kgotla, mohla ho tsekwang ditaba le dira.
O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;
Hobane ke tseba hoba ditlolo tsa lona di ngata, le hoba dibe tsa lona di atile haholo; le hlorisa ya lokileng, le nka tefo, mme bafumanehi ha le ba ahlolele kgotla.
Mmolai o tla tshabela motseng o mong wa yona, a eme pela monyako wa motse yona eo, a behele baholo ba motse oo taba ya hae; ba tla mo amohela ho bona motseng, ba mo nee le moo a ka dulang le bona.