Jobo 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha re leka ho bua le wena na o tla utlwa bohloko? Empa ya ka itshwarang ke mang, hore a se ke a bua? BIBELE “Ebe o tla teneha ha motho a buisana le wena? Empa ke mang ya ka tshwarang leme la hae? |
Leha nka re: Ha ke sa tla hlola ke mmolela, leha e le ho bua ka lebitso la hae, eba ho na le ho kang mollo o tjhesang pelong ya ka, o kentsweng masapong a ka. Ke kgathala ke ho o boloka, ke a sitwa.
Ke tletse kgalefo ya Jehova, ke kgathetse ke ho e thibela; ke ya e tshollela baneng ba diterateng, le phuthehong ya bahlankana; le hona monna o tla tshwarwa hammoho le mosadi, leqheku le ya qetileng ditshiu tsa hae.
Hobane haele rona, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela kateng, tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.