Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 6:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke tletse kgalefo ya Jehova, ke kgathetse ke ho e thibela; ke ya e tshollela baneng ba diterateng, le phuthehong ya bahlankana; le hona monna o tla tshwarwa hammoho le mosadi, leqheku le ya qetileng ditshiu tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Le nna ke bipeditswe ke kgalefo ya Morena, ke se ke kgathetse ke ho e thibela. “E hlatsetse hodima bana, bana bana ba diterateng, hodima bahlankana, bahlankana bana ba kgobokaneng; monna le mosadi ba tla thoptjwa bobedi, ho thopuwe raputswe le ya seng a kgokgoba.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:11
22 Referencias Cruzadas  

Ba batjha ba kgathala, ba fokola, dikwankwetla di a wa.


Ha ke a ka ka itulela mokgatlong wa basomi ho ya ithabela teng; ka mpa ka dula ke nnotshi ka baka la letsoho la hao le ntshwereng, hobane o ntlatsitse ka hlonamo.


O ntlohetse, ho bolela Jehova, o kgutlile kasanthao; ka baka leo, ke otlolotse letsoho la ka hodima hao, ke tle ke o fedise; ke se ke kgathetse ke ho rekolohela.


Ka baka leo, o neele bana ba bona tlala, o ba telle lerumo; basadi ba bona ba hloke bana, e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu, le bahlankana ba bona ba hlajwe ke lerumo ntweng.


Leha nka re: Ha ke sa tla hlola ke mmolela, leha e le ho bua ka lebitso la hae, eba ho na le ho kang mollo o tjhesang pelong ya ka, o kentsweng masapong a ka. Ke kgathala ke ho o boloka, ke a sitwa.


Na le re, nka lesa ho kgalemela ntho tseo, ho bolela Jehova, kapa nka lesa ho iphetetsa ho setjhaba se jwaloka seo na?


Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.


Ka baka leo, basadi, mamelang lentswe la Jehova, ditsebe tsa lona di ke di amohele lentswe la molomo wa hae; le rute baradi ba lona ho bina pina ya bofifi, motho a rute wa habo kodiyamalla.


Hobane lefu le tlolela ka difensetere tsa rona, le kena matlung a kgabileng, ho tla bolaya bana seterateng, le bahlankana mapatlelong.


Morena o nyedisitse dinatla tsa ka kaofela ka ha eso, o memile ntwa ho robakanya bahlankana ba ka; Morena o hatile morwetsana, moradi wa Juda, sehatelong.


Ba batjha le ba hodileng ba rapaladitswe fatshe mapatlelong, barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba wele ke lerumo; o hlile wa bolaya tsatsing la kgalefo ya hao, o bolaile, mme ha o a ka wa qenehela.


Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.


Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla.


Yaba o re ho nna: Mora motho, fepa mpa ya hao, o tlatse mala a hao ka buka eo e phuthilweng, eo ke o neang yona. Yaba ke a e ja, mme molomong wa ka ya hlabosa jwaloka dinotshi.


bolayang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le dikgarebe, le bana ba banyenyane, le basadi; ha e le ba nang le letshwao, le se ke la ba ama; hlong le qale ka sehalalelo sa ka. Yaba ba qala ka banna ba baholo ba leng pela tempele.


Empa ha e le nna, ke tletse matla, ke tletse moya wa Jehova, le ho loka le bonatla, ke tle ke bolelle Jakobo bokwenehi ba hae, ke tsebise Iseraele sebe sa hae.


Ke a le bolella, ke re: Ka bosiu boo, ho ba babedi ba robetseng phateng e le nngwe, e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe.


Pauluse ha a ntse a ba lebeletse Athene, moya wa hae wa hlabeha, kahare ho yena, ha a bona motse o ineetse tshebeletso ya medimo ya ditshwantsho.


Eitse ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Pauluse a ineela ho ruta ka pelo ya hae yohle, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.


Hobane haele rona, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela kateng, tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.


Yaba ke utlwa lentswe le leholo, le tswang tempeleng, le howeletsa mangeloi a supileng, le re: Eyang, le tshollele lefatsheng dinkgo tse supileng tsa bohale ba Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos