Haesale le mehleng ya bontata rona, re bile molato haholo ho fihlela kajeno. Ke ka baka la makgopo a rona, rona le marena a rona le baprista ba rona, re kileng ra neelwa matsohong a marena a dinaha tseo, ra neelwa lerumo le kgoleho le tshenyeho le dihlong, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.
Ya tswetseng ba supileng o tepeletse, o se a ya shwa; o phirimetswe ke letsatsi la hae e sa le motshehare, o hlabiswa dihlong, o swabile; mme masala a bona ke tla a neela lerumo pela bao e leng dira ho bona: ho bolela Jehova.
O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.
Empa Jehova o ho nna jwaloka senatla se tshabehang; ka baka leo, ba ntlhorisang ba tla kgoptjwa, ba ke se ke ba hlola letho; ba tla hlabiswa dihlong ka ho fetisa, ke hobane ba fositse, e tle e be dihlong tse sa feleng, tse se nang ho lebalwa.
A re laleng hodima dihlong tsa rona, re apare sekgobo sa rona, hobane re sitetswe Jehova, Modimo wa rona, rona le bontata rona, ho nka botjheng ba rona ho fihlela tsatsi lena, mme ha re a ka ra mamela lentswe la Jehova, Modimo wa rona.
ke ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ho mphephetsa ka ho tsamaela medimo esele, le ka ho e tjhesetsa dibano, le ka ho e sebeletsa, eo ba neng ba sa e tsebe, leha e le bona, leha e le lona, leha e le bontata lona.
Utlwang lentswe la pokollo ya moradi wa setjhaba sa ka le tswang lefatsheng le hole: Na Jehova ha a sa le Sione? Na Morena wa hae ha a sa le ho yena na? Ba nkgalefisitse keng ka ditshwantsho tsa bona tse betlilweng, ka masawana a ditjhaba?
Hobane lentswe la pokollo le utlwahala Sione, le re: Jo nna! Re hlile re sentswe! Hase le ho hlabiswa dihlong, hobane re tlohela lefatshe, mehaho ya rona e heleditswe.