Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.
Jeremia 48:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Balehang, le pholose meya ya lona, le be jwaloka ba itlhophereng lefeelleng. BIBELE Balehang le tle le ipholose, le ke tonki e hlaha ya lehwatata. |
Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.
Ke beile tshepo ya ka ho Jehova; na le ka re ho moya wa ka jwang: Balehela dithabeng tsa heno jwaloka nonyana?
O jwaloka ya itlhophereng nahathothe, a sa bone hobane ho fihla molemo; o ahile dibakeng tse tshehla, lefatsheng le lebu, le sa ahuwang.
Balehang Babilona, ho pholose e mong le e mong bophelo ba hae, esere le ka timela ka bokgopo ba hae, hobane nako ya tefetso ya Jehova ke yona eo, o ya busetsa moputso ho yena.
O ne a re ho matshwele a tswelang ho kolobetswa ke yena: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?
hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.