La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 47:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Lentswe la Jehova le kileng la tla ho moporofeta Jeremia, bakeng sa Bafilesta, ha Faro a ne a eso ho fedise Gasa.

Ver Capítulo

BIBELE

Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa.

Ver Capítulo



Jeremia 47:1
11 Referencias Cruzadas  

Moedi wa Bakanana o ne o qala Sidone, ho leba Gerare ho isa Gasa, mme o leba Sodoma, le Gomorra, le Adama, le Tseboime ho fihlela Lesha.


O ne a busa naha yohle e mose o kwano ho noka, ho tloha Thifsa, ho isa Gasa, le marena wohle a mose o kwano ho noka; e ne e le kgotso ka nqa tsohle.


Wena naha ya Filistia, o se ke wa thaba, ke hobane thupa e neng e o otla e robehile; hobane motsong wa noha ho tla tswa qowane, mme tholwana ya yona e tla ba drakone e fofang.


le bajaki kaofela, le marena wohle a lefatshe la Utse, le marena kaofela a lefatshe la Bafilesta, le Ashkelone, le Gasa, le Ekrone, le ba setseng ba Ashdode;


Hape, Morena Jehova o re: Erekaha Bafilesta ba entse phetetso, mme ba entse tefetso e thata ka baka la kgeso eo ba neng ba na le yona dipelong tsa bona, ba ratile ho timeletsa setjhaba sa ka ka hloyo e sa feleng;


ka baka leo, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla otlollela Bafilesta letsoho la ka, ke kgaole Bakerethe, ke timetse ba setseng pela lebopo la lewatle.


Le lona Tire le Sidone, le na le taba efe le nna, le wena naha yohle ya Bafilesta? Na le re, le ya iphetetsa ho nna, kapa le tla nketsa ho hong na? Ha le re, le ya iphetetsa, kapelepele ke tla busetsa phetetso ya lona hodima dihlooho tsa lona,