Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 47:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho itswe ke Jehova: Bonang, metsi a ntse a nyoloha, a tswa nqa leboya; a ya ba phororo e itsholohelang, a aparele lefatshe kaofela le bao le tletseng bona, motse le ba ahileng teng. Batho ba tla howa, baahi kaofela ba lefatshe ba bokolle,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Morena o bua tjena: “Metsi ke ao, a phorosela ho tswa leboya, a tla ka sekgahla se kang sa sekgohola, a tla aparela naha le tsohle tse ho yona, a aparele metse le baahi ba yona bohle. Banna ba tla tshoha ba hlabe mokgosi, baahi bohle ba naha bona ba bokolle,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 47:2
32 Referencias Cruzadas  

Lefatshe ke la Jehova le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona.


Hola ke a lapa, ke be nke ke ka o bolella; hobane lefatshe ke la ka, le tse ho lona kaofela.


Mahodimo a ke a thabe, mme lefatshe le hlasimolohe; lewatle a le ke le dume le tsohle tse ho lona;


Lewatle a le dume le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona.


Wena monyako, bobola; wena, motse, o bokolle; wena lefatshe lohle la Filesta, o tsielehe; hobane ho ya tla mosi o tswang leboya; ha ho ya kgathalang makgotleng a dira.


Hobane mekgosi e potile naha ya Moabe; mehoo ya teng e utlwahala Eglaime, dillo di fihlile Beer-Elime.


Boporofeta hodima sekgutlo sa dipono: Taba ke dife, ha batho ba hao kaofela ba hlweletse hodima matlo,


Ke tla etsa tokelo molao, ho loka e be tokiso; mme sefako se tla ya le setshabelo sa leshano, metsi a hlakole tshirelo ya lona.


Ke moo ba tlang ho tshaba lebitso la Jehova bophirimela, le kganya ya hae botjhabela; etlare ha dira di etla jwaloka noka, moya wa Jehova o tla di qhalanya.


Jehova a re ho nna: Tsietsi e tlang hodima baahi kaofela ba lefatshe e tla hlaha ka nqa leboya.


Ditjhaba di utlwa tsa dihlong tsa hao, lefatshe le dumaella pokollo ya hao, hobane mohale o otlanya mohale e mong, ba wela hammoho ba babedi.


Lentswe leo Jehova a kileng a le bolella moporofeta Jeremia, bakeng sa Nebukadresare, morena wa Babilona, mohla a neng a tle, a re, o tla otla lefatshe la Egepeta, ke lena:


Egepeta ke sethole se setlesetle. Monwang o tswa nqa leboya, o a tla.


Moradi wa Egepeta o hlabiswa dihlong, o neelwa matleng a setjhaba sa Leboya.


O robakilwe jwang! Bokollang! Moabe o nea keng seholoholo, a ntse a le dihlong? Moabe e tla ba sesomo le thothometso ho ba bapileng le yena kaofela.


Ho itswe ke Jehova: Bonang, setjhaba se ya tswa lefatsheng la Leboya, setjhaba se seholo se ya hlaha se tswang dipheletsong tsa lefatshe.


Modumo wa dipere tsa hae o utlwahetse Dane, fatshe lohle le reketla ke dillo tse tshabehang tsa tsona; ba ya tla ho bolaya naha le tseo e tletseng tsona, metse le baahi ba yona.


Mme makgotla a tlang ho hohoretsa a tla hohoretswa ke yena, ho rojwe le morena wa selekane.


Ka sekgohola se kgofolang o tla timeletsa nqalo eo ruri, mme bao e leng dira ho yena o tla ba tebella lefifing.


hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.


Empa etlere ha motho a le bolella, a re: Ntho eo e hlabetswe ditshwantsho, le se ke la e ja ka baka la ya le eleditseng, le ka baka la letswalo; hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.


Jwale, ke tla ho lona barui. Llang, le bokolle ka baka la ditlokotsi tse tla le wela hodimo.


Yaba lengeloi le leng la a supileng a tshwereng dinkgo tse supileng, le tla ho nna, la re: Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se dutseng hodima metsi a mangata;


Yaba lengeloi le re ho nna: Metsi ao o a boneng, ao seotswa se dutseng ho wona, ke merabe, le matshwele, le ditjhaba, le dipuo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos