Jwale, ke na le pelo ya ho hlaba selekane le Jehova, Modimo wa Iseraele, hore bohale ba kgalefo ya hae bo ke bo re kgelohe.
Jeremia 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na o tla nne a lose disuwa ka ho sa feleng? Na o tla nne a hloname ka ho sa yeng kae? Bona, o rialo, empa o ntse o sebetsa bobe, mme o bo phethile. BIBELE na o tla nkgalefela kamehla, disuwa tsa hao e be tsa mehla yohle?’ Dintho tsena tsohle o di buile, wa etsa bokgopo bohle ka boithatelo ba hao.” |
Jwale, ke na le pelo ya ho hlaba selekane le Jehova, Modimo wa Iseraele, hore bohale ba kgalefo ya hae bo ke bo re kgelohe.
Hobane nke ke ka tseka ka ho sa feleng, le ho halefa ka ho sa yeng kae, hobane pelo ya motho e ne e ka timela pela ka, le yona meya eo ke e entseng.
Oho Jehova, o se ke wa halefa ka ho fetisisa, o se ke wa boloka kgopolo ya makgopo a rona ka ho sa feleng! Oho bona, o tadime hle; kaofela re setjhaba sa hao.
Eya, o bolele mantswe ana ka nqa leboya, o re: Kgutla, Iseraele mokwenehi, ho bolela Jehova, nke ke ka o sosobanyetsa sefahleho, hobane nna ke mohau, ho bolela Jehova, nke ke ka nna ka losa disuwa kamehla.
Setjhaba sena sa Jerusalema se kwenehile keng ka kweneho e sa bakelweng? Ba itiisetsa manong keng? Ba hanelang ho sokoloha?
Nkile ka mamela, mme ke utlwile: ha ba bolele ho lokileng; ha ho e mong ya swabelang bobe ba hae, a keng a re: Ke entse jwang? Bohle ba matha tseleng ya bona jwaloka pere e mathelang ntweng.
Bona, dikgosana tsa Iseraele, e nngwe le e nngwe kamoo matla a yona a leng kateng, di ha hao, hore di tle di tsholle madi.
Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo.
Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.