Molaodi wa bahlabani ba morena a tshwara le Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya mo hlahlamang, le balebedi ba bararo ba monyako.
Jeremia 20:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Pashkure, mora Immere, moprista le mohlahlobi e moholo wa ntlo ya Jehova, o utlwa Jeremia ha a porofeta ditaba tseo. BIBELE Ha Pashahure, mora wa moprista Imere, eo e neng e bile e le mookamedi wa Tempele ya Morena, a utlwa hore Jeremia o porofeta dintho tsena, |
Molaodi wa bahlabani ba morena a tshwara le Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya mo hlahlamang, le balebedi ba bararo ba monyako.
le Asaria, mora Hilkia, mora Meshullame, mora Tsadoke, mora Merajothe, mora Akitube, modisa wa ntlo ya Modimo;
Mahosana a hae le wona a ntshetsa setjhaba, baprista le Balevi sehlabelo ka ho rata. Hilkia, le Sakaria le Jehiele, mahosana a ntlo ya Modimo, ba nea baprista, hore ba etse Paseka ya bona, dikonyana tse dikete tse pedi tse nang le makgolo a tsheletseng, le dikgomo tse makgolo a mararo.
Mme wena Pashkure, le ba ahileng tlung ya hao kaofela, le tla ya kgolehong; o tla ya Babilona, o shwele teng; mme o tla patwa teng, le metswalle ya hao kaofela eo o ntseng o e porofetela leshano.
Jehova o o beile moprista bakeng sa moprista Jehojada, hore o nne o be mohlahlobi ka tlung ya Jehova bakeng sa motho e mong le e mong ya hlanyang, ya iketsang moporofeta, hore o tle o mo kenye metshwasong le teronkong.
Yaba baholo ba hlwenyetsa Jeremia, ba mo otla, ba mo isa tlung ya teronko, ka tlung ya Jonathane mongodi, hobane ba ne ba e entse teronko.
Yare ba sa bua le batho, baprista ba fihla ho bona, ba ena le molaodi wa tempele le basadusi,
Moprista e moholo, le molebedi wa tempele, le baprista ba baholo, yare ha ba utlwa dipolelo tseo, ba makala ke bona, ba re: Taba eo e tla fella kae?