Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 19:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa motse ona le metse yohle ya mona dikotsi kaofela tseo ke di boletseng bakeng sa yona; hobane ba sataladitse melala ya bona, hore ba tle ba se ke ba utlwa lentswe la ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mamelang! Motse ona le metsana yohle e o potapotileng ke tla e dihela koduwa tseo ke di boletseng, hobane setjhaba sena se ile sa satalatsa melala ya sona, sa hana ho mamela dipolelo tsa ka.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 19:15
23 Referencias Cruzadas  

ba hana ho utlwa, mme ha ba ka ba elellwa dimakatso tsa hao tseo o ba etseditseng tsona; ba mpa ba satalatsa melala ya bona, mme boikgantshong ba bona, ba ipeela morena, ba tle ba kgutlele kgolehong ya bona. Empa wena, o Modimo o tletseng tshwarelo le mohau le lereko, o diehang ho halefa, o tletseng kgauhelo; ke kahoo o sa kang wa ba furalla.


O pakile hara bona, hore o boele o ba sokollele molaong wa hao; ba mpa ba ikakasitse, ba hanne ho utlwa melao ya hao, ba sitetswe ditaelo tsa hao, tseo motho a tla phela ke tsona ha a etsa ka tsona, ba hlahisitse lehetla le hanang joko, ba sataladitse melala ya bona, ba se ke ba mamela letho.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya ba hlahisetsa kotsi eo ba ke keng ba e phema; ba tla howeletsa ho nna, empa ha ke na ho ba utlwa.


Hobane Jehova wa makgotla, ya neng a o hlomile, o hlile a laela bobe bakeng sa hao, ka baka la bolotsana ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, boo ba bo entseng, ba tle ba nkgalefise ka ho tjhesetsa Baale dibano.


hobane jwalokaha senyepa se kgomaretse letheka la motho, ke ne ke ikgomarediseditse ntlo yohle ya Iseraele le ya Juda jwalo, ho bolela Jehova, hore ka bona ke bone setjhaba, le botumo, le dithoko, le tlotliso. Empa ba hanne ho utlwa.


Empa ha ba ka ba utlwa leha e le ho sekeha ditsebe, ba ile ba satalatsa melala, hore ba se ke ba utlwa, ba se ke ba amohela thuto.


Mme jwale, bolella banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Jehova o re: Bonang, ke le hopoletse bobe, ke le reretse morero o mobe. Sokolohang e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le lokise metsamao ya lona le diketso tsa lona.


o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona marena a Juda le baahi ba Jerusalema. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa nqalo ena bobe boo e mong le e mong ya bo utlwang, ditsebe tsa hae di tla re tsii.


Ke buile le wena ho iketleng ha hao, mme wa nna wa re: Nke ke ka mamela. Ke mokgwa wa hao esale le botjheng ba hao, wa ho re ha o na ho mamela lentswe la ka.


Ho nka selemong sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ho fihlela tsatsing lena e se e le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Jehova le neng le tle ho nna, mme ke nnile ka le bolella lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela.


Jehova o nnile a roma ho lona bahlanka ba hae kaofela, baporofeta, a ba roma a ntse a tsoha esale hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela, mme le sa ka la sekeha ditsebe tsa lona ho utlwa.


Empa ha le a ka la nkutlwa, ho bolela Jehova, e le hore le tle le mphephetse ka diketso tsa matsoho a lona, ke tle ke le hlahisetse bobe.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Erekaha le sa ka la utlwa lentswe la ka,


Ke tla mo otla yena le lesika la hae le bahlanka ba hae ka baka la bokgopo ba bona, ke ba hlahisetse e le bona, le baahi ba Jerusalema, le ba ntlo ya Juda, bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, ba mpa ba sa ka ba utlwa.


Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.


Wena lefatshe, mamela! Bonang, ke ya tlisetsa setjhaba sena kotsi, e leng tholwana ya mehopolo ya sona, hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, mme ba nyedisitse molao wa ka.


Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha tsebe; ba hlile ba sataladitse melala, ba entse hampe ho fetisa bontata bona.


Morena o ripitlile meaho kaofela ya Jakobo, a sa qenehele letho; ka bohale bo tukang ba hae a ripitla metse e marako ya moradi wa Juda, a e dihela fatshe, a senya mmuso le marena a wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos