Jeremia 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Nka senyepa seo o se rekileng, se thekeng la hao, o tlohe, o ye Eufrate, o se pate teng lefarung la lefika. BIBELE “Nka senyepa seo o ileng wa se reka, seo o itlammeng ka sona thekeng, mme o tsamaye, o ye nokeng ya Euferatese, o yo se pata lefarung le lefikeng.” |
Meneka, o utlwe bohloko, moradi wa Sione, jwaloka ya belehang; hobane jwale, o se o tla tswa hae, o tla dula naheng, o be o fihle Babilona. Empa teng o tla lokollwa; teng, Jehova o tla o lopolla matsohong a dira tsa hao.
Johanne o ne a apere kobo ya boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo; dijo tsa hae e ne e le ditsie le dinotshi tsa naha.