La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jakobo 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Haele leleme, tjhe, lona ha ho motho ya tsebang ho le thapisa; ke bobe bo sa hlolweng; le tletse mahloko a bolayang.

Ver Capítulo

BIBELE

empa ha e le leleme, ha ho motho le ya mong ya ka tsebang ho le thapisa. Le kgopo hoo le ke keng la laolwa, le tletse mahloko a bolayang.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa leleme ha ho motho ya ka le thapisang; ke bobe bo sa laoleheng, bo tletse chefo e bolaeang.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa leleme ha ho motho ya ka le thapisang; ke bobe bo sa laoleheng, bo tletse chefo e bolaeang.

Ver Capítulo



Jakobo 3:8
13 Referencias Cruzadas  

Ba tjhaditsa maleme a bona jwaloka dinoha, mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona. (Sela.)


Puo tsa bona di bonolo jwaloka sereledi, empa pelo tsa bona di rata ntwa feela; mantswe a bona a fetisa ole ka monate, empa ke marumo a tsomotsweng.


Moya wa ka o hara ditau, ke robala hara batho ba phutsalatsang malakabe a mollo, hara batho bao meno a bona e leng marumo le metsu; le maleme a bona ke matlele a bohale.


ba na le mahloko a kang a dinoha, ba tshwana le marabe a ithibanyang ditsebe,


Bona, ka melomo ya bona ba phutsalatsa mahlapa a bona, marumo a melomong ya bona, ba re: Na ho utlwa mang na?


Ya pelo e kgopo a ke ke a fumana lehlohonolo, mme ya leleme le kgopameng o tla wela bobeng.


Ha noha e loma e eso ho upellwe, ya e upellang ha a sa na thuso.


mmetso ya bona ke lebitla le ahlamileng; ba thetsa ka maleme a bona; mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona;


Veine ya bona ke mahloko a didrakone, ke mahloko a bolayang a qowane.


Le lona leleme ke mollo, ke naha ya bokgopo; mokgwa wa leleme hara ditho tsa rona, ke ho silafatsa mmele kaofela, ke ho kenya kganare tseleng yohle ya kgolo ya motho, etswe le hoteditswe ke mollo wa dihele.


Athe mefuta yohle ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya dihahabi, le ya tse phelang lewatleng, e na le ho thapiswa, mme e se e kile ya thapiswa ke batho.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.