11 Ha noha e loma e eso ho upellwe, ya e upellang ha a sa na thuso.
11 Ha noha e ka loma pele e khwefuwa, mokhwefi wa dinoha a ke ke a putswa.
Leleme la hao le rera tshenyo feela, jwaloka lehare le leoditsweng, wena ya etsang bohata.
Modimo, o ba robe meno melomong ya bona! Jehova, pshatla mehlahare ya ditau!
ba leotsang maleme a bona jwaloka letlele, ba phosang mantswe a bohloko jwaloka metsu,
Lefu le bophelo di matleng a leleme; ba le ratang ba tla ja tholwana tsa lona.
Ha tshepe e le botswa, e sa leotswe, ya sebetsang ka yona o tshwanetse ho etsa ka matla; bohlale bo ka tsosetsa motho masene.
Hobane, bonang, ke romela hara lona dinoha le diqwaane tse se nang ho upjwa, mme di tla le loma, ho bolela Jehova.
Le lona leleme ke mollo, ke naha ya bokgopo; mokgwa wa leleme hara ditho tsa rona, ke ho silafatsa mmele kaofela, ke ho kenya kganare tseleng yohle ya kgolo ya motho, etswe le hoteditswe ke mollo wa dihele.
Haele leleme, tjhe, lona ha ho motho ya tsebang ho le thapisa; ke bobe bo sa hlolweng; le tletse mahloko a bolayang.