Jakobo 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) ha le ka babatsa ya apereng dikobo tsa bokgabane, la re ho yena: Dula mona botleng, mme la re ho mofumanehi: Wena, ema mane! kapa: Dula mona tlasa bonamelo ba maoto a ka! BIBELE Ha le sheba ya apereng tse mahadihadi, ebe le re ho yena: “Wena, ako dule setulong sena se setle,” empa le re ho mofutsana: “Wena, ema mona,” kapa: “Dula fatshe mona maotong a ka,” Baasraak Sotho NT Le bile le hlompha ya apereng seaparo se setle, mme le re ho yena: ’Dula mona sebakeng se setle; mme le re ho mofutsana: Ema mona, kapa o dule tlasa bonamelo ba maoto a ka; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le bile le hlompha ya apereng seaparo se setle, mme le re ho yena: ’Dula mona sebakeng se setle; mme le re ho mofutsana: Ema mona, kapa o dule tlasa bonamelo ba maoto a ka; |
ba reng: Ema hojana, se atamele ho nna, hobane ho wena ke ya kgethehileng. Batho bao ke mosi dinkong tsa ka, mollo o tukang kamehla.
Mme Heroda a mo nyedisa a ena le bahlabani ba hae, a mo soma; mme eitse hobane a mo apese kobo e ntlentle, a mo kgutlisetsa ho Pilato.
Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.
Hobane ekare ha monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng dikobo tsa bokgabane, a kena phuthehong ya lona, ho kena le mofumanehi ya dikobo di mpe;
Athe lona le nyedisitse mofumanehi! Na hase barui ba le hlorisang, ba le hulelang kgotla na?
Ke batho ba korotlang, ba kgananang, ba yang ka ditakatso tsa bona; melomo ya bona e bolela tsa boikgohomoso, ba tadima tshobotso ya batho ka takatso ya moruo.