ke eso ho ikele moo nke keng ka hlola ke kgutla teng, naheng ya lefifi le ya moriti wa lefu;
Isaia 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Setjhaba se neng se tsamaya lefifing se bone lesedi le leholo, lesedi le kganyeditse ba ahileng naheng ya moriti wa lefu. BIBELE Setjhaba se neng se phela lefifing, se bone lesedi le leholo; se neng se phela lefifing le letsholetsho, jwale se tjhabetswe ke lesedi. |
ke eso ho ikele moo nke keng ka hlola ke kgutla teng, naheng ya lefifi le ya moriti wa lefu;
Ba nnile ba aha lefifing le moriting wa lefu, e le ba tlamilweng ka bomadimabe le ditshepe.
Leha nka tsamaya kgohlong ya moriti wa lefu, nke ke ka tshoha bobe leha bo le bong, hobane o na le nna; lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntshedisang.
Ke sekama ka kgotso, ke be ke ithoballe ka kgotso, hobane, Jehova, ke wena o nnotshi ya nkahisang boiketlong.
Ke mang hara lona ya tshabang Jehova, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing, ya hlokang lesedi, a ke a tshepe lebitso la Jehova, a itshematlele ka Modimo wa hae.
Ha e sa tla ba letsatsi le o bonesang motshehare, le kgwedi e ke ke ya hlola e o etsetsa ngwedi, empa Jehova e tla ba lesedi le sa feleng ho wena, Modimo wa hao e be kganya ya hao.
Empa lefifi le ke ke la nna la eba teng lefatsheng le leng tsietsing jwale; erekaha mehleng ya pele a swabisitse lefatshe la Sabulone le la Nefthali, mehleng ya qetello o tla tumisa naha e sikang le lewatle, le e mose wane wa Jordane, e leng Galelea wa baditjhaba.
athe ke yena ya entseng Selemela le Makolobe; ya fetolang lefifi lesedi la hosasa, le motshehare o o fetola lefifi; o bitsa metsi a lewatle, mme o a tshollela hodima lefatshe; Jehova ke lebitso la hae;
setjhaba se neng se dutse lefifing, se bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng ya lefu le moriting wa lona.
Jesu a re ho bona: Le sa na le lesedi ka motsotso o se okae. Tsamayang ha le sa na le lesedi, hore lefifi le se ke la le tshwara; hobane ya tsamayang lefifing, ha a tsebe moo a yang teng.
Nna, ke tlile lefatsheng, ke le lesedi, hore e mong le e mong ya dumelang ho nna, a se ke a dula lefifing.
Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.
Hobane kgale le ne le le lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng; tsamayang ke hona jwaloka bana ba lesedi.
Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;
a re: Ha ke re, ba hapile? Ha ke re, ba arolelana kgapo? Monna e mong le e mong o nka morwetsana e mong, kapa ba babedi. Kgapo ya masela a mebalabala ke ya Sisera, kgapo ya masela a mebalabala a lohilweng, masela a lohilweng a le mebalabala hohle, a ho kgabisa molala!