Akasia a romela hape la boraro molaodi wa ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano; mme molaodi wa boraro wa ba mashome a mahlano a nyoloha, a tla, a kgumama ka mangole pela Elia, a mo rapela, a re ho yena: Monna wa Modimo, bophelo ba ka le bophelo ba bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano e be ba bohlokwa mahlong a hao.
Marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le bontata rona, ha ba ka ba etsa ka molao wa hao, ha ba ka ba nahana ditaelo tsa hao le dikeletso tsa hao tseo o nnileng wa paka hara bona ka tsona.
Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.
Manasse o ja Efraime, Efraime o ja Manasse, ba ntoo kopana hammoho ho ja Juda. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.
Na Moethiopia a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau le ka fetola matheba a lona na? Ha ho ka ba jwalo, le ka tseba ho etsa hantle, athe le ba itemaleditseng ho etsa hampe.
Yaba banna kaofela ba neng ba tseba hobane basadi ba bona ba tjhesetsa medimo esele dibano, le basadi kaofela ba neng ba eme teng, ba phuthehile ba le bangatangata, le setjhaba kaofela se ahileng lefatsheng la Egepeta, Pathrose, ba fetola Jeremia, ba re:
Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.
Ke tla ya ho ba baholo, ke bue le bona, hobane bona ba tseba tsela ya Jehova le molao wa Modimo wa bona. Empa le bona kaofela ba robile joko, ba lokolotse ditlamo.
Ba kobile maleme a bona jwaloka seqha, ho betsa leshano; hase ka bokgabane ba natlafalang lefatsheng, hobane ereha ba etswa bobeng bo bong, ba ye ba tlolele bobeng bo bong; mme ha ba ntsebe, ho bolela Jehova.
Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.
Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.
Dinku tse tepeletseng ha le di natlafatse; e kulang ha le e phekole; le e leqeba ha le e tlamelle; ha le late e kgelohileng, leha e le ho batla e lahlehileng; le mpa le di busa ka thata le ka sehlooho.